Ditaba tsa moraoraoKrikete

Mokwetlisi Conrad o tsibisitse sehlopha setla leba India le Sri Lanka

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha papading ya krikete Shukri Conrad, o tsibisitse dibapadi tse 15 tseo a tla leba le tsona mohopeng wa lefatshe wa T20.

Conrad, o tsibisitse sehlopha kajeno jwalo ka ha matsatsi a ICC Men’s T20 World Cup e tla tshwarelwa India le Sri Lanka ka kopanelo a ntse a atamela.

Sehlopheng setla emela naha, hona le mabitso a mangata a matjha a tla qala ho bapala mohopeng wa lefatshe le ha e le hore ke dibapadi tse seng dina le boiphihlelo papading.

Palong e bitsitsweng ke Conrad, ke dibapadi tse 7 fela tse neng dile teng ka 2024 ha Afrika Boroa e hlolwa ho makgaolakgang mme 8 ya dibapadi tse ding e tla qala ho emela naha boemong bona.

Mokaptene wa sehlopha Aiden Makram, sethibathibane (wicket keeper) Quinton De Kock, David Miller, Marco Jansen, Kagiso Rabada, Anrich Nortjie le Keshav Maharaj, ke bona dibapadi tse bileng teng ka 2024 sehlopheng.

E nngwe ya ntho tse tlisitseng dipotso, ke ho sebe teng ha Tristan Stubbs le Ryan Rickelton sehlopheng le ha e bile karolo ya sehlopha ka nako eo seneng se le Pakistan le India ka ho fapana.

Dibapadi tsena ditla thakgoha ka la 07 Hlakola ho fihlela ka la 08 Hlakubele mme Afrika Boroa tla thulana le naha ya Canada papading ya pele ka la 09 Hlakola.

Pele ba lena mohopeng wa lefatshe, Di’Proteas, ditla bapala dipapadi tse nne tsa boitukisetso kgahlano le naha ya West Indies e tla etlela kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Di’Proteas tsa banna ditla kgutlela lapeng dinyeka maqeba