
Broos ka Foster: Ka nako tse ding o ba botswa
Ka mora hore sehlopha se bapale maleka a 1 – 1 le naha ya Panama, mokwetlisi Hugo Broos o arabile tse ding tsa dipotso ka papadi ya sehlopha.
Afrika Boroa e bile le menyetla e leshongwa ya hlola papadi empa ya hlolwa ke ho e sebedisa ka bohlale le ho hlaba dintlha.
Ha arabela potso ka se seng sa dibapadi, Broos o hlalositse ha Lyle Foster ya bileng le menyetla e totobetseng e le sebapadi se botswa ka dinako tse ding.
“Ke sebapadi se hantle empa se botswa ka dinako tse ding,” ho realo Broos.
“Ke motsisitse pele ho papadi hore re hloka sebapadi setla tshwenya lebota la morao le ho kenya kgatello.”
Broos o dumetse ha Foster a saba le papadi e ntle empa a bontshitse maikemisetso karolo ya pele ya papadi.
“Karolong ya pele o bile le menyetla e mmalwa mme karolong ya bobedi ho bile le phetoho ha a qala ho potlaka le ho etsa metsamao.
“Ke sebapadi se matla ha bolo e le maotong hobane hae lahlehe ha bobebe. Re sehlopha se bapalang ka mahlahahlaha re hlasela re bile re sebedisa mohlabadintlha wa rona.”
Afrika Boroa e hatelletse Panama ho tloha motsotsong wa pele wa papadi ho fihla pheletsong empa dihlopha ditswile ka lebaleng ka 1 – 1.
Papadi ya bobedi e tla bapala ka labobedi motsemoholo Cape Town ka 19:30 mme yona e tla bapalla lebaleng la DHL.
BALA HAPE: Broos o tshwara a tlohela ka bokamoso ba hae le Bafana Bafana
