
Williams o phafa Leaner e le sethibathibane sa mantlha
Sethibathibane sa naha Ronwen Williams, o phafile sebapadi moo Renaldo Leaner e le sethibathibane se sebetsang ka matla le ho tshwanelwa ke hoba sehlopheng sa naha.
Leaner, ke phetoho ya moraorao eo mokwetlisi Broos a e etseng dithibathibaneng ka mora ho sebedisa Williams, Sipho Chaine le Ricardo Goss e le dithibathibane tsa sehlopha sa hana nako e lelele.
Williams, o hlalositse ha tshebetso ya Leaner e bua ho tlala seatla mme a dumela ha a lokela hoba karolo ya sehlopha sa naha.
“Pele ho tsohle nka bua ka boleng boo a botlisang dithibathibaneng. Ke e mong wa dithibathibane tse tswileng tjaro dilemong tse fetileng. O sebetsa ka matla mme o tshwanelwa ke pitso eo a e fumaneng,” ho realo Williams.
Williams, o bontshitse ha Leaner a jere sehlopha sa hae e bile e le motho ya mahlahla ya tletseng mafolofolo le maikemisetso a ho ithuta.
“O jarile sehlopha sa hae [Sekhukhune] ka makgetlo mme seo se bua tse ngata ka yena. Le boikwetlisong ke motho ya phuthulohileng. Ke motho ya mafolofolo ya ikemiseditseng ho ithuta hotswa ho ba bang.”
Williams ha qhelela ka thoko ntlha ya hore Leaner o tla ithuta tse ngata ho yena le Goss le dipapadi tsa sehlopha sa naha kaofela.
Afrika Boroa, e tla kena papading kgahlano le Panama kajeno [27 Hlakubele] mme papadi e tla thakgoha ka 19:00 lebaleng la Moses Mabhida.
BALA HAPE: FIFA e tsibisa melawana e metjha e tla sebetsa mohopeng wa lefatshe
