
Broos ka Mofokeng: O maemong a matle ka nako e nepahetseng
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o ntshitse maikutlo ka sebapadi se ntseng se kgutlela maemong a phahameng a papadi sa Orlando Pirates.
Broos, o hlalositse ha Relebohile Mofokeng a ntse a iphumana mme tseo tsohle dietsahala ka nako le sebaka se nepahetseng.
“O sebopehong se hantle ka nako e nepahetseng mme seo ke ntho e ntle bakeng sa hae le bohle,” ho realo Broos.
Broos o hlalositse ha Mofokeng a bile le dintho tse ngata tseo a fiting ho tsona sehla se fitileng mme seo se amme papadi ya hae le ho tlisa kgatello.
“Ke dumela ha a ne a le nakong eo a neng a batla ho iphumana ka mora hore a hlaloswe e le kgalala ka nako e kgutshwane kwano Afrika Boroa mme seo se thatafatsa dintho mme seo se etsahetse ka Mofokeng.”
“Ho bile le lerata le lengata ka yena mme seo se tlisa kgatello e leng se molebaditseng ho bapala mme hake motswae phoso ka seo.”
Mofokeng o bapala karolong eo a sa tlwaelwang ho yona ya no.10 moo a bonahalang ale sehlahlo ho feta ha a bapala ka lepheyong.
“O ntse a kgutlela maemong a matle mme lekgetlong lena a bapala karolo e fapaneng.”
Mofokeng o kene palong ya dibapadi tse lelekisang kgau ya dintlha tse ngata sehleng sena moo a emeng dintlheng tse 7 ka mora ho hlaba dintlha tse tharo (hatrrick) kgahlano le TS Galaxy papading ya Pirates ya ho qetela.
BALA HAPE: Ditlabotjha dintsha maikutlo ka hoba karolo ya sehlopha sa naha
