
Mokwena o tla thulana le sehlopha sa hae sa mehleng papading ya setswalle
Mokwetlisi wa mehleng wa Mamelodi Sundowns le MC Alger Rulani Mokwena, o tla thula thaba ka hlooho ha tobana le sehlopha sa hae sa mehleng papading ya setswalle.
Mokwena, o tla etella pele sehlopha sa hae se setjha sa Al Ittihad Tripoli lekgetlo la pele ha a nkana le Wydad Casablanca papading ya setswalle.
Mokwena, o kwetlisitse Casablanca pele a arohana le sehlopha mme ha morao a leba Algeria ho kwetlisa Alger.
Al Ittihad, e Morocco bakeng sa dipapadi tse pedi tsa setswalle kgahlano le Maghreb Fassi ka laboraro [23 Hlakubele] le Wydad kala 28 Hlakubele.
Kampo ena, e tlaba ya pele ya Mokwena le sehlopha mme papadi e nngwe ya tsa pele e tlaba kgahlano le sehlopha seo a sebeditseng le sona.
Hoya ka lesedinyana la WinWin, Mokwena ona le sehlopha sa hae kaofela ntle le sethibathibane sa bona Mohamed Ayad eo e leng karolo ya sehlopha sa naha ya habo.
BALA HAPE: Hunt o hlalosa tsela ya ho sebedisa Mabasa ho hlabe dintlha
