Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos: Ke thabetse ho tswa ha Chiefs le Sundowns ho Carling

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o hlalositse ha a na le maikemisetso a ho qala boitukisetso ba dipapadi tsa AFCON ka pele ka moo a ka kgonang ho fumana nako e ngata le dibapadi.

Broos, o ne a bua sebokeng sa boqolotsi ba ditaba moo a hlalositseng maikemisetso le meralo ya hae pele ho dipapadi tsena tse setseng ka kgwedi le sekgeshana diqala.

“Re batla ho qala ka la 8 Tshitwe ka boitukisetso hona Gauteng [Tuks grounds ,Pretoria] ho fihla kala 17 hobane re lokela hoba Morocco bonyane matsatsi a mahlano pele ho dipapadi,” ho realo Broos.

Broos o hlalositse ha a tla ba le kgwedi e lelele ya Pudungwane moo a tla leba Belgium ho ba le lekolo la hae pele a ka leba Washington bakeng sa lotho ya mohope wa lefatshe le ho kgutlela Afrika Boroa bakeng sa boitukisetso.

“Re batla ho bapala papadi ya setswalle letsatsi pele re leba Morroco mme re sa sheba sehlopha seo re ka bapalang le sona,”

Mokwetlisi enwa ya bua phatlalatsa, o hlalositse ha a thabetse ho tswa ha Mamelodi Sundowns le Kaizer Chiefs mohopeng wa Carling Knockout ka lebaka la ho hana ya PSL hoba le tshebedisano mmoho.

Broos o buile sena a ipapisitse le ntlha ya hore makgaolakgang a mohope ona a tla ba ka nako eo sehlopha se hlokang ho qala ka boitukiso.

Sundowns le Chiefs, ke dihlopha tse kgolo tse seng ditswile mohopeng ona mme e ka Broos otla ngwatha dibapadi dihlopheng tsena bakeng sa mohope wa AFCON.

BALA HAPE: Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe