
Mokwetlisi wa Sundowns o hlalosa taba ya Basadien
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha tlhodisano e teng sehlopheng e le lebaka le behellang Fawaaz Basadien kantle boholo ba nako.
Basadien o lebile ho Sundowns a tswa ho Stellenbosch mme a ya jwalo ka mora sehla se setle seo a bileng le sona ho Stellies le ho hapa dikgau tsa sehlopha.
Mothongwa enwa wa dikgau tsa selemo ho Betway Premiership, ha a so fumane nako e lekane ya ho bapala mme ka moqebelo o ne a le bakeng ha Sundowns e hlola Durban City ka ntlha tse tharo ho e lengwe (3 – 1) le ha a sa bapala.
Cardoso o hlalositse ha bothata ba Basadien e le bothata ba dibapadi kaofela tse sa bapaleng.
“Fawaz hana mathata, bothata ke ba dibapadi kaofela, e leng se entseng hore re kadimane ka Terrence Mashego; hoba le dibapadi tse hlwahlwa tse ngata sebakeng se le seng,” ho realo Cardoso.
Cardoso o dumetse ha Basadien a na le boiphihlelo mme ba dumela ho yena jwalo ka sehlopha.
“Nako e tlaba teng bakeng sa Fawaaz. Re kgotsofalletse tshebetso ya hae le ha re dula re batla ho feta moo dibapading.”
Cardoso o tswelapele ha sebapadi sena sa Afrika Boroa sa matjhabatjha ntse a tlwaela makgulo sehlopheng mme a dumela ha nako ya hae e tla fihla.
Sundowns e dutse boemong ba bobedi ka mora dipapadi tse robedi ka ntlha tse 18 mme haeso lahlehelwa.
Ka laboraro sehlopha setla nkana le Golden Arrows lebaleng la Sugar Ray Xulu ka hora ya boraro (15:00) motsheare.
BALA HAPE: Miguel Cardoso ha a phetse ho ingamangama ka Ribeiro
