Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Motsamaisi wa Nigeria o re ba lokela ho hapa

Motsamaisi wa sehlopha (technical director) sa Nigeria Augustine Eguavoen, o hlalositse ha ba tlameile maoto le matsoho ho hapa kgahlano le Afrika Boroa.

Nigeria e fihlile Bloemfontein ka montaha thapama jwalo ka ha batla teyenya thebe le Bafana Bafana leotong la bobedi la ho phunyeletsa ho ya mohopeng wa lefatshe.

Eguavoen o hlalositse ha papadi ena e le kgolo mme ba lokela ho e hapa le ho kgutlela morao ka ntlha tse tharo.

“Ke papadi e kgolo empa ha rena boikgethelo, re lokela ho e hapa le ho nka dintlha tse tharo,” ho realo Eguavoen.

Nigeria e dutse boemong ba boraro ka dintlha tse 10 ka mora dipapadi tse supileng.

Eguavoen o hlalositse ha tlholo ya bona kgahlano le Rwanda e ba file morolo le tshepo ha batla papadi ya hosane ka labobedi.

“E bile tlholo eo re e lwanetseng, e re kgothaditse mme jwale re kwano bakeng sa dintlha tse tharo.”

Nigeria ke yona e ntshitseng Afrika Boroa dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-final) mohopeng wa AFCON selemong se fitileng ka thaho ya mekoko.

Lekgetlo la ho qetela dihlopha tsena di bapala e ne e le leotong la pele mme dihlopha di bapetse maleka a 1 – 1 ha Afrika Boroa e ne e etetse Nigeria.

Eguavoen o tswelapele ho hlalosa ha a tsebe Hugo Broos mme jwalo ka sehlopha ba lokela hoba sedi kgahlano le yena.

Nigeria e tla bapala ntle le mohlabadintlha wa bona ya hlwahlwa Victor Osimhen ka mora ho lemala papading kgahlano le Rwanda.

Sehlopha setla amohelwa ke Afrika Boroa ka labobedi leotong la bobedi la ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Toyota Bloemfontein ka 18:00 thapama.

BALA HAPE: williams-o-hlalosa-moya-o-renang-kampong-ya-naha