
PSL e tla tlotla dibapadi tse hlwahlwa tsa sehla sa 2025/26
Mokgatlo o ikemetseng o tsamaisang bolo Afrika Boroa wa PSL, o tla tshwara dikgau tsa sehla se fitileng sa dipapadi ho tlotla dibapadi tse ipabotseng ka makgabane.
Dikgau tsena ditshwarwa selemo le selemo ho tlotla dibapadi le dihlopha tse ibapotseng mehopeng e fapaneng ho kenyeletsa dihlopha tse bapalang ho Motsepe.
Le ha dikgau tsena dile leshongwana, hona le dikgau tse mmalwa tseo tlabe dishejowe ka mahlo a makgubedu ho latela seabo sa dibapadi tseo ka lebaleng.
Kgau ya sebapadi sa selemo, moo Oswin Appollis, Relebohile Mofokeng le Teboho Mokoena ke e nngwe ya dikgau e tla shejwa ka mahlo a makgubedu.
Kgau ya sebapadi sa selemo sa bohareng ba lebala ke e nngwe ya dikgau tse mabitso a matla moo Jayden Adams le Mokoena e leng ba bang ba bathongwa.
Dikgau tse jwalo ka kgau ya sethibathibane sa selemo le ya mohlabadintlha wa selemo, dibatla ditotobetse ho latela tshebetso ya sethibathibane se ipabotseng le mohlabadintlha ya hlabileng dintlha tse ngata.
Tebello ke hore Orlando Pirates le Mamelodi ke tsona tse tla matha pele ka dikgau ho latela tshebediso ya tsona ya sehleng se fitileng le ha Pirates e bile yona e hapileng sehla.
Mokete ona o tla tshwara kajeno [27 July] ka 19:00 bosiu mme ditla bontshwa kanaleng tsa SuperSport PSL Channel 202 and SuperSport LaLiga.
BALA: Sethibathibane sa mehleng sa Chiefs se ngongorehiswa ke papadi e monyebe
