
Broos o halefiswa ke FIFA e hanelang sehlopha ho leba LA pele ho nako
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o bontshitse ngongoreho ya hae ka qeto ya mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA.
FIFA e hanetse Afrika Boroa ho leba naheng ya America ho qala ka boitukisetso ba papadi ya bona kgahlano le Canada ka Sontaha.
Afrika Boroa e tla bapala papadi ya tsa ho qetela tse 32 kgahlano le Canada motsemoholo Los Angeles mme sehlopha sene se rerile ho leba Los Angeles ho itlwaetsa makgulo.
“Rene re batla ho leba Los Angeles hantle ka mora papadi empa FIFA ya re hanela ho tsamaya,” ho realo Broos.
“Maikemisetso ke ho qala ho ithuta sehlopha seo retlo bapala le sona le ho tseba tseola eo ba bapalang ka yona.”
“Taba ya ho ikwetlisa hae bohlokwa ha kalo empa taba ya ho phuthulla mmele le hoba malala-a-laotswe bakeng sa papadi e bohlokwa.”
Afrika Boroa e tla bapala le Canada ka Sontaha papading eo tebello e leng hore batshehetsi ba Canada e tlaba bona ba bangata.
Papadi ena e tla bapala ka 21:00 bosiu ka nako ya Afrika Boroa.
