
Chelle o re mosebetsi wa hae ke ho kwetlisa empa FIFA e hlakise
Mokwetlisi wa sehlopha sa Nigeria, Eric Chelle, o ntshitse maikutlo a hae tabeng ya sebapadi sa Afrika Boroa le ha a sa teba ka taba.
Chelle, o hlalositse ha mosebetsi wa hae jwalo ka mokwetlisi wa naha ya Nigeria e le ho kwetlisa sehlopha sa hae le ho etsa bonnete ba hore dibapadi tsa hae dimalala a laotswe bakeng sa papadi.
“Ke mokwetlisi ya tsepamisang maikutlo sehlopheng sa hae empa FIFA e lolela ho shebana le taba ya Teboho Mokoena.”
“Ha se bothata ba ka, bothata baka ke ho shebana le sehlopha sa ka le ho etsa bonnete ba hore se maemong a matle bakeng sa papadi,” ho realo Chelle.
Mokwetlisi enwa hase wa pele wa ho hlalosa ha FIFA e lokela ho ahlola Afrika Boroa ka mora diqoso tse sa nnetefatswang tsa hore Mokoena o ne a sa lokela ho bapala papadi kgahlano le Lesotho leotong la pele.
Chelle o thatiseleditse ka hore dibapadi tsa hae di malala-a-laotswe bakeng sa papadi e matla kgahlano le Bafana Bafana kajeno Bloemfontein.
“Papadi ya kajeno e bohlokwa haholo, haholo jwang re fumane dintlha tse supileng (7) ho tse robong (9) tse bileng teng.”
Bafana Bafana, e tla amohele Nigeria lebaleng la Toyota le Bloemfontein kajeno thapama. Papadi ena etla hlalosa e bang Afrika ya feta kapa jwang, e tla thakgoha ka 18:30.
BALA HAPE: broos-o-bua-ka-kgatello-le-maemo-a-lebala
