Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o hlalosa lebaka la Panama papisong le Brazil kapa Argentina

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o hlalositse lebaka le entseng hore sehlopha se kgetle ho bapala le naha ya Panama dipapading tse pedi tsa setswalle e bile e le boitukisetso ba dipapadi tsa mohope wa lefatshe.

Broos o hlalositse ha naha ya Brazil le Argentina dine dibatla moqeqekohadi wa tjhelete hore batle kwano Afrika Boroa ho bapala dipapadi tsa setswalle.

“Brazil e ne e batla $5 million hotla kwano Afrika Boroa,” ho realo Broos.

“Dikgwedi tse fetileng, Argentina e ne e batla ho bapalla Johannesburg, le bona bane ba batla 5 million euros.”

Letswalla lena la Belgium, le boetse la bontsha ha papadi kgahlano le dihlopha tse hodimo, e batla tjhelete mahlakore ohle.

“Ha Brazil e bapalla Belgium, tekete e tlase ka ho fitisisa e rekiswa ka R800 (€40). O kase batle seo kwano Afrika Boroa, batho ba ke ke ba lefa seo.”

Broos o hlalositse ha ho fumana Panama e bile mosebetsi o ntse o batlile tjhelete mme o theoleditse SAFA ka ho fumana sehlopha se boemong bo hodimo lefatsheng.

“Panama le yona haetle mahala. O ntse o lokela ho lefa tjhelete e itseng hore batle kwano hotlo bapala dipapadi tse pedi.”

“SAFA e entse mosebetsi o moholo ho fumana Panama. Mosebetsi o moholo ke ho leka ho sheba e bang re kase fumane naha ya Asia kapa Europe bakeng sa Motsheanong.”

Le ha hole jwalo, Broos o hlalositse ha a thabetse hotlo bapala le Panama ho kala matla a sehlopha sa hae.

BALA HAPE: Ditlabotjha dintsha maikutlo ka hoba karolo ya sehlopha sa naha