
Ditlabotjha dintsha maikutlo ka hoba karolo ya sehlopha sa naha
Dibapadi tse pedi tse fumaneng monyetla wa ho bitsetswa sehlopheng setla tobana le Panama, ditshitse maikutlo ka hoba karolo ya sehlopha.
Renaldo Leaner wa Sekhukhune eo e leng sethibathibane le Ime Okon ya bapallang sehlopha sa Hannover ya Germany, ba kenyeleditswe sehlopha sa naha.
Leaner, o hlalositse ha sena e le monyetla oo e sale a sebeletsa ho o fumana.
Ke lekgetlo la bobedi ke bitsetswa sehlopheng mme ke itebohela haholo hobane ke seo e leng kgale ke sebeletsa ho sona ho bitsetswa sehlopheng sa naha,” ho realo Leaner.
Ka lehlakoreng le leng, Okon o hlalositse ha le yena a le motlotlo hoba karolo ya sehlopha sa naha.
“Ke bile le mathata nakong e fitileng empa ke tse fitileng mme ke thabetse le hoba karolo ya sehlopha. Ke tatetse le bokwetlisi le sehlopha le dibapadi tse tlang,” ho realo Okon.
Sehlopha se qadile ho kopana ka mantaha le ha dibapadi tse ding e leng hona ditla fihla kampong ho tloha kajeno.
Dibapadi tsa Mamelodi Sundowns, difuwe letsatsi la mantaha ho phomola le malapa ka mora ho fihla hotswa Mali mme batla kopana le sehlopha ho tloha kajeno.
Mbekezeli Mbokazi le yena o lebeletswe ho fihla ka hara naha kajeno le ho kopana le sehlopha bakeng sa boitukiso ba dipapadi.
BALA HAPE: Ouaddou o tshireletsa dibapadi kgahlano le batshehetsi
