
Zungu o dumela ha AmaZulu e ka hola ho feta Chiefs, Pirates le Sundowns
Modulasetulo wa AmaZulu o dumela ha sehlopha sa hae seka hola ho feta dihlopha tse tharo tse kgolo ka hara Afrika Boroa.
Sandile Zungu, o dumela ha sehlopha se seholo ka dilemo dihlopheng tsa PSL, sena le bokgoni ba ho hola ho feta Kaizer Chiefs, Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns.
“Ke sehlopha se seholo ho PSL se bileng teng ka 1932. Ke mosebetsi wa meloko ho fapana,” ho realo Zungu.
“Re ya tseba sehlopha setla hola ho feta Pirates, Chiefs le Sundowns haufinyane.”
Usuthu, ke se seng sa dihlopha tse nne tsa tswang profenseng ya KwaZulu-Natal tse bapalang ho Betway Premiership mme sehleng sena se bonahala se tsohile molota le ho leka ho lwanela boemo dihlopheng tse 5 tse ka hodimo.
Zungu, o hlalositse ha ho setse hanyane dintho be dikopana ka tsela eo ba rerileng ka teng ho hodisa sehlopha sa bona.
“Ho setse hanyane mme tsohle dimatsohong a rona. Re kgona ho utlwa hore re motjheng o nepahetseng ho fumana tseo re dibatlang.”
Usuthu e tla amohela Sundowns papadi ya Betway Premiership lebaleng la Moses Mabhida bosiung ba kajeno la 19:00.
BALA HAPE: Arthur Zwane o re Sundowns e tla kopana le pela difalla
