
Morena o re batla sebedisa papadi ya AS FAR ho kgutlisa seriti sa sehlopha
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns Thapelo Morena, se hlalositse ha sehlopha se ikemiseditse ho kgutlisa seriti sa sona ka mora ho hlolwa papading ya makgaolakgang sehleng se fitileng.
Sundowns e tla bapala makgaolakgang a CAF Champions League lekgetlo la bobedi ka tatellano ha sehla se fitileng ba hlotswe ke Pyramids ya Egypt.
Morena o hlalositse ha jwalo ka dibapadi ba tseba bohloko ba ho lahlehelwa ho makgaolakgang ka mora ho lahlehelwa selemo se fitileng mme selemong sena ba batla ho etsa dintlho ka tsela e fapaneng.
BALA: Motsepe o dumela ha dihlopha diphahamisitse maemo ho thatafaletsa Sundowns bophelo
“Ho bua nnete, ka mora ho lahlehelwa ho makgaolakgang selemo se fitileng, ho bile thata ho nna le lelapa laka le ha bane ba leka ho mpha tshehetso ka nako tsohle,” ho realo Morena.
“Ke nahana hore ha jwale re tseba maikutlo a ho bapala makgaolakgang. Ha ho tshwane le lekgetlo la pele ka 2016 mme re tseba le bohloko ba ho hlolwa ho makgaokgang. Sena ke monyetla wa rona wa ho sututsa le ho etsa bonnete ba ho lwana ka tsohle.”
Sundowns e tlabe e sa qale o kopana le AS FAR le ha e le hore dipapadi tse pedi tseo ba dibapetseng pele, ha hwaba le sehlopha se hapa.
BALA: Dihlopha tse kgolo tsa Gauteng di-mehlaleng ya Sebapadi sa Golden Arrows
