Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mngqithi o babatsa dibapadi le Carling ka mohopolo wa papadi

Mokwetlisi wa Golden Arrows Manqoba Mngqithi, eo mafelong a beke a neng a kwetlisa Carling All Stars, o babaditse bokgoni le bokgabane ba dibapadi tsa hae tsa mehleng Marcelo Allende le Arthur Sales.

Mngqithi o sebeditse le bobedi bona ka nako eo a neng a kwetlisa Sundowns mme mafelong a beke o bile le bona sehlopheng sa Carling All Stars kgahlano le Orlando Pirates.

Le ha All Stars e lahlehetswe ka 2 – 0, Mngqithi o hlalositse bokgoni ba bobedi bona e le bo makatsang.

“Ke dibapadi tse hlwahlwa tse tsebang ho bala papadi e le hole. Ba kgona ho ipeha dibakeng tse nepahetseng ka nako le ho e tsa menyetla,” ho realo Mngqithi.

Mngqithi o babaditse le mohopolo wa Carling wa ho kopanya sehlopha setla phepetsa bompudi ka hore e fana ka monyetla ho dibapadi tse nyane ho kopana le dibapadi tse ding tse hlwahlwa.

“Ke mohopolo o motle ka Carling le ha ona le diphephetso mona le mane haholo ka sehlopha se qalang papadi moo o sa kgoneng ho kgetha jwalo ka mokwetlisi.

“Ke papadi e fang dibapadi monyetla, haholo tse nyane hobane ho kena tse hlano ka nako e le nngwe.”

Mngqithi o phethetse ka hore monyetla ona ke o motle le ho mokwetlisi wa mohlodi (Champion coach) ho fumana monyetla wa ho bona hore ke mosebetsi o jwang ho kwetlisa jwalo ka ha boholo ba batho bo nahana ho kwetlisa ke ntho e bobebe.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Pirates o fetola menahano ka ho fumana mohlabadintlha