
Broos o lohotha ho phomotsa dibapadi tsa Sundowns
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o hlalositse ha dibapadi tsa Mamelodi Sundowns ditla fumana monyetla wa ho phomola kajeno.
Mantswe a Broos a tla ka mora hore Sundowns e bapale le ho hlola makgaolakgang a CAF Champions League mafelong a beke a fitileng le hoba karolo ya sehlopha se bontsha mohope batshehetsing.
Ha a hlalosa qeto ena, Broos o hlalositse ha dibapadi tsena dihloka phomolo e nyane menahanong ka mora tsohle tseo ba fitileng ho tsona.
Matsatsi a fitileng e bile a matla dibapading tsa Sundowns ho keteka tlholo ya bona ya Champions League,” ho realo Broos.
“Ba batla base malala-a-laotswe menahanong ho tsepamisa maikutlo mohopeng wa lefatshe ha jwale. Ke ka hoo dibapadi tsa Sundowns e ke keng yaba karolo ya sehlopha kgahlano le Nicaragua.”
“Ba tlaba le letsatsi la ho phomola, e bang baka bapala, batla bapala metsotso e ka bang leshome fela.”
Dibapadi tsa Sundowns ke tsona tse ngata ka ho fitisisa sehlopheng sa naha mme e bang Broos a ka ba phomotsa kaofela, dibapadi tse ding ditla fumana monyetla wa ho itshupa.
Papadi ena e tla bapala ka 18:00 bosiung ba kajeno [29 Motsheanong] mme e tla bapalla lebaleng la Orlando Amstel Arena.
