Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pirates e latola ditlaleho tsa dipuisano tsa ho tsamaya ha mokwetlisi

Sehlopha sa Orlando Pirates se ntshitse molaetsa o latolang ditlaleho tsa dipuisano tsa mokwetlisi wa bona ke Zamalek.

Ho qhomme ditlaleho tsa hore Zamalek ya Egypt e kene dipuisano le mokwetlisi Abdeslam Ouaddou ka e mong wa baqolotsi ba ditaba.

Ho ya ka tlaleho eo, ho bonahetse ha Zamalek e le dipuisano le Ouaddou le ho tshepisa ha e tla rekella mokwetlisi le tumellano empa Pirates e latotse seo.

Pirates e hlalositse ha hose ketsahalo ya mofuta oo mme e bang hona le ntho e etsahalang sehlopheng, sehlopha setla tsibisa batshehetsi ka masedinyana a sehlopha.

Ouaddou o kampong ya ho itukisetsa sehla le sehlopha naheng ya Spain mme puisanong tsa moraorao Ouaddou o hlalositse ha yena a le malals-a-laotswe bakeng sa sehla sa dipapadi kwano Afrika Boroa.

BALA: Ouaddou o hlalosa ha a le malala-a-laotswe bakeng sa sehla sa dipapadi