Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Kaze o bua ka dikamano tsa hae le Nabi

Mokwetlisi wa mehleng wa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o buile lekgetlo la pele ka dikamano tsa hae le mosebetsi mmoho wa mehleng Nasreddine Nabi.

Nabi ke yena a tlisitseng Kaze le moifo wa bokwetlisi o qetang ho fellwa ke ke nako sehlopheng le ha yena a tsamaile pele sehlopheng.

Puisanong le Robert Marawa ho MSWon947, Kaze o hlalositse ha a dumela dikamano tsa bona disa dukeha le ha ho bonahetse karohano ya bona e sa fela hantle.

BALA: Ngaka ya SAFA e hlalosa boemo ba kotsi ya Modiba le Morema

“Ke bomadimabe hore dintho di etsahetse ka tsela eo. Nna le Nabi re ntse rele maemong a matle le ha keso bue ke yena ka mora karohano le sehlopha,” ho realo Kaze.

“Ke motho eo nka moletsetsang nako e nngwe le e nngwe. Kena le bonnete ba hore le yena a ka letsa nako e nngwe le e nngwe empa hareso bue ka mora hore a tsamaye sehlopheng.”

Kaze o tla lokela ho ipatlela lekgulo le letala ka mora hore Chiefs e nke qeto ya ho batla moifo o mong wa bokwetlisi bakeng sa sehla setlang

BALA: Broos ka Zwane: A ke ke a bapala metsotso e mengata