
Miguel Cardoso o re dibapadi difapane
Mokwetlisi wa sehlopha sa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha dibapadi tseo sehlopha se ditekenneng di ke ke tsa tshwana le Lucas Ribeiro Costa.
Sundowns e tekenne dibapadi tse pedi ho tswa mose ho mawatle ka mora hore Ribeiro a ba nyahlatse sa mmoko wa pere le ho leba Spain sehlopheng sa Cultural y Deportiva Leonesa.
‘The Brazilians’ ba tekene dibapadi tsa matjhabatjhaba tsa Portugal e leng Nuno Santos le Miguel Reisinho le ha Cardoso a hlalosa ha ba sa tlela ho kwala sekgeo sa Ribeiro.
“Ha hona sebapadi setla ntsha Lucas.”
Cardoso o tswelapele ho hlalosa ha ba sa batle motho ya ka kwalang sekgeo sa Ribeiro empa sehlopha se tekena ho imatlafatsa moo se haelwang.
“Ha re batle sebapadi setla kwala sekgeo empa re tisa sehlopha moo re dumelang se kgwehla. Dibapadi difapane ka tsohle le Ribeiro fela jwalo.”
Santos o se a fumane monyetla wa ho bapala, ka mora ho kena a tswa bankeng ha sehlopha sene se hlolwa ke Golden Arrows ka ntlha ho noto (1 – 0) e bile e le tlholoya pele sehleng sena.
Sundowns e tla amohela Richards Bay hosane ka moqebelo lebaleng la Lucas Masterpieces Moripe. Papadi ena e tla thakgoha ka hora ya borobedi bosiu (20:00).
BALA HAPE: Golden Arrows e tlabola Mamelodi Sundowns
