Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Riveiro o re qeto ya Al Ahly e tlile ka morao

Mohapi wa mohope wa MTN8 ka makgetlo a meraro ka tatellano, o hlalosa ha qeto ya hae ya ho tloha ho Pirates, e bile ntho ya kgale.

José Riveiro, o hlalositse ha a sa itshole ka qeto ya ho tlohela mosebetsi wa ho kwetlisa sehlopha sa Orlando Pirates le ho makatsa batho ka ho leba ho Al Ahly.

Riveiro ya dutseng kgwedi tse tharo fela sehlopheng sa Al Ahly, o hlalositse ha mosebetsi wa ho kwetlisa Al Ahly, e bile ntho e tlileng e le kgale a qetile le maikutlo hore o tla tsamaya ho Pirates.

“Ke qeto eo ke e nkile kgale, taba ya ho kwetlisa Al Ahly ke ntho e tlileng ka morao,” ho realo Riveiro.

“Ke qeto e nkuweng ka tlasa mabaka a itseng. Jwale ho naha ka ntho tse fitileng ha jwale, ha ho etse hlooho kapa kelello.”

Riveiro ya tsamaileng ha sehla se fela, o hlalositse ha a sa rata ho tsamaya pele sehla se fela le ha Al Ahly e ile ya kopa a tle pele ka lebala la mohope wa lefatshe wa dihlopha.

“Ntho eo ke sa e ratang ke taba ya hore ke lokela ho tsamaya pele sehla se fela. Ke ne ke sa e thabela empa e ne e le setlamo ho tswa ho Al Ahly.”

Mokwetlisi enwa hapileng mehope lenyelenyele le Pirates, o ka hara naha ka sememo ho tswa ho Carling Black Label.

Riveiro e tlaba e mong wa ditho tsa bohlokwa dipapading tse pedi tse tla bapala tsa Carling, e leng makgaolakgang le papadi e dipakeng tsa sehlopha se tla hapa le sehlopha sa Black Label All Stars.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa mehleng wa Pirates o teng ka hara naha