
Chiefs e tla hlwaya setho sa mehleng hoba CEO
Sehlopha se se ikemiseditseng ho etsa diphetho sa Kaizer Chiefs, se haufi le ho tsibisa setho setla tsamaisa sehlopha le hoba CEO ya sehlopha.
Hoya ka lehlokwana la tsela, Chiefs e haufi le ho tsibisa Bheki Shongwe ya kgutlelang sehlopheng ho leka ho thusetsa ho tlisa botsitso le ho thusa sehlopha ho hapa mehope.
Shongwe e kile yaba karolo ya sehlopha sa Chiefs dilemong tse fitileng moo e neng e le Managing Director le hoba karolo ya tsamaiso [Board Member] nako e lelele.
BALA HAPE: Kruger United e hlola Black Leopards ho nyolohela ho Betway Premiership
Chiefs e lebeletswe ho etsa diphetoho tse mmalwa ho kenyeletsa ho hlwaya mokwetlisi ya tla nka marapo le ho kwetlisa moo a tla nka diqeto a le mong papisong le tshebetso ya ha jwale ya bakwetlisi ba babedi [co-coaches].
Chiefs e tseka ho iphumana e bapala dipapading tsa kontinente tsa CAF Confederations ka mora hotswa lebeleng la ho hapa sehla kapa ho bapala ho Champions League.
Sehlopha setla kena papading e matla ka laboraro kgahlano le Mamelodi Sundowns e nkile ketapele ya dintlha kgahlano le Orlando Pirates e bobeding.
BALA HAPE: Sundowns e bula sekgeo sa dintlha dipakeng tsa bona le Pirates
