
Sepp Blatter o tshwaela mohopeng o qetang ho fela wa lefatshe
Mopresidente wa mehleng wa FIFA Joseph Sepp Blatter, o ntshitse maikutlo a hae ka mohope o satswa fela wa lefatshe.
Blatter, o hlalositse ha tlhodisano ena e bile e lelele ka go fitisisa e bileng e tletse ditaba dihana ho fela.
“Mohope o molelele wa lefatshe o fedile ka bahlodi ba nepahetseng,” ho realo Blatter.
“Empa hare bua nnete, tlhodisano ena e lahlehetswe ke boleng. Dipolotiki ha Dia lokela ho tlohelwa ha dikwaela seriti sa papadi.”
Mohope ona wa lefatshe o bile tlasa ditshehollo tse matla ho latela tse ding tsa diqeto ho kenyeletsa boitshunyakako ba dipolotiki tsamaisong le diqetong tsa dipapadi.
Blatter o boetse a etsa boipiletso ho dinaha, batshehetsi le mekgatlo dinaheng tse fapaneng ho etsa qeto e nepahetseng ka nako eo ba kgethang boetapele bo botjha.
“Ke nako ya batshehetsi, dibapadi le mekgatlo ya dinaha tse fapaneng ho busetsa papadi ya bolo metsong tlasa botsamaisi bo botjha.”
FIFA e tla hlwaya mopresidente ya motjha haufinyana mme Gianni Infantino ya kotsometseng se maratswana o lenaneng la ba iketelang setulo seo hape.
BALA: Mokwetlisi wa Bafana Bafana o batla ho ekeletswa ka selemo
