Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Siwelele se tsibisa meralo ya bokwetlisi ba sehlopha

Sehlopha sa Siwelele FC se ikemiseditse ho tswelapele le mokwetlisi wa ntshetso pele ya dibapadi Godfrey Mosoetsa.

Ho ya ka lesedinyana sa FARPOST, Siwelele se tsibisitse dibapadi hore Mosoetsa o tla tshwara marapo a bokwetlisi ho fihlela sehla se fihla pheletsong.

Tsena tsohle di etsahala le ha sehlopha se ile sa tsibisa ha mokwetlisi Lehlohonolo Seema a behelletswe ka thoko nakwana mosebetsing ha ho sekwasekwa tshebetso ya hae.

Siwelele hasa qala sehla hantle ka mora ho arohana le boholo ba dibapadi tsa bona tsa bohlokwa ha sehla se fitileng sa dipapadi se fihla pheletsong.

Tsibiso ya sehlopha ka Mosoetsa ho dibapadi, e fana ka lesedi bokamosong ba Seema ya ntseng a behelletswe ka thoko nakwana mosebetsing.

Ha jwale sehlopha se dutse boemong ba 15 ka mora dipapadi tse 7 mme ha baso hape papadi sehleng se hodimo sa dipapadi.

BALA: Mofokeng o ipabola ka makgabane ha Afrika Borwa e buretsa Eritrea