Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Zwane: Ke nako ya rona e fihlile ho CAF Champions League

Sebapadi sa Mamelodi Sundowns Themba Mshishi Zwane, o furuleditse majwe pele ho papadi ya bona ya CAF Champions League kgahlano le sehlopha sa St Eloi Lupopo.

Lupopo e makaditse ba bangata ha e ne e hlola le ho ntsha Orlando Pirates e ntseng e bapala hantle ha jwale.

Pirates e fihlile dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang a CAF sehleng se fitileng mme sehleng sena ba tswile dipapading tse qalang.

Ka mora ho kgutla haufinyana makgetlo a mabedi le ho makgaolakgang, Zwane o hlalositse ha ba qetile ka ho bapala hantle le hoba sehlopha se bonolo.

“Sehla se fitileng re kgutlile haufinyana haholo (makgaolakgang). Sehleng sena re lokela ho phahamela mapoqo le menahano ya rona ka ho sebetsa ka thata,” ho realo Zwane.

“Dipapading tsa CAF Champions League, neo (talent) ha ya lekana. O lokela ho sebetsa ka thata.”

Bompudi bana ba 2016, ba pannwe le sehlopha sa MC Alger ya Rhulani, Al Hilal ya Sudan le Lupopo e dikgoka.

Zwane, o re jwalo ka sehlopha ba malala-a-laotswe bakeng sa Lupopo e masene.

“Re bone papadi ya bona kgahlano le Pirates, ke sehlopha se bapalang hampe. Ba raha kaka hohle empa ba sebetsa ka thata. Retla ithuta bona le ho fumana bofokodi ba bona.”

Sundowns e tla amohela Lupopo kala 21 Pudungwane lebaleng la Loftus e le papadi ya pele ya tsa mekgahlelo.

BALA HAPE: Maela o hlwaya sebapadi se hlwahlwa ha jwale ho PSL