Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o hana ho araba e nngwe ya dipotso

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hana o araba e nngwe ya dipotso tsa baqolotsi ba ditaba sebokeng sa boraditaba.

E mong wa baqolotsi ba ditaba o botsitse ka hore taba ya ho nyenyelepitswe ha lesedinyana e qadile kae mme Cardoso a hlalosa ha a ke ke a araba potso eo.

“Ke utlwisisa moelelo wa potso ya hao empa ho kaba molemo e bang o toba taba ka dipotso tsa hao,” ho realo Cardoso.

“Taba ya ho nyenyelepitswe ha lesedinyana ke ntlha e ntseng e fuputswa ke sehlopha mme ha hona motho ya nang le tokelo ya ho bua ka ntlha e diphuputsong ho thibela pherekano.”

Mokwetlisi enwa ya tlasa kgatello, o hlalositse ha mehopolo le tsohle ditsepamisitswe papading ya ka moqebelo [14 Hlakola]

Cardoso o utulutse ha Mario Masha ya beheletsweng ka thoko ka lebaka la menyenyetsi ena, e ne e le e mong wa batlatsi ba hae.

“E ne e le motlatsi wa ka. O ne a dula a le teng ka nako tsohle boikwetlisong, dikopanong, boitukisong, le nthong tsohle mme hona le sesa hlakang (misinformation).”

Sundowns e tla amohela Alger papading e tlabe e tonetswe mahlo ke kontinente le lefatshe hosane ka 18:00. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Loftus Versfeld.

BALA HAPE: Mokwena o arabela menyenyetsing ya ho nyenyelepisetswa lesedinyana ka Sundowns