
Tshepo e sale kgolo ho mokwetlisi wa Orlando Pirates
Ka mora ho bapala maleka papading eo sehlopha seneng se lokela ho e hapa hoba haufi le menyetla ya ho hlola sehla, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha a tsibile hore papadi kgahlano le Richards Bay e tlaba boima.
Pirates e bapetse maleka a 2 – 2 kgahlano le Richards e leng se fokoditseng tshepo le tumelo ya hore sehlopha seka hapa mohope wa Betway Premiership.
Ha a bua ka mora papadi, Ouaddou o hlalositse ha a tsibile hore Richards e tla lwana ka tsohle haholo e le lapeng.
“Re tsibile hore e tlaba papadi e boima haholo hao ka hlajwa ntlha mme rona re hlajowe tse pedi mme ra leka ho kgutla,” ho realo Ouaddou.
Pele ho leoto la pele le bapaletseng Orlando Arena, Ouaddou o ile a dumela hore Richards Bay le Siwelele ke tse ding tsa dihlopha tse matla tseo a tobaneng le tsona sehleng sena mme ka mora dipapadi kgahlano le dihlopha tseo, o kgonne fela go bokeletsa ntlha papadi kang.
Le ha hole jwalo, tshepo e ntse e le teng ho mokwetlisi enwa wa Pirates hore sehlopha sa hae setla lwana ho fihla motsotsong wa ho qetela.
“Batho ba bangata ba nahana hore ho fedile empa haho jwalo, retla lwana ho fihla pheletsong.”
“Moralo wa rona e ne e le hose hlajwe ntlha le ho bapala dipapadi tse ngata resa hlajwa ntlha empa kajeno [labohlano] re hlokile lehlohonolo.”
Pirates e ntse e dutse boemong ba bobedi mme papadi ya bona e latelang e tlaba kgahlano le AmaZulu ka moqebelo wa la 18 Mmesa.
BALA HAPE: Menyetla ya Pirates ya ho nyolla mohope e qala ho qepha
