
Mokwena o arabela menyenyetsing ya ho nyenyelepisetswa lesedinyana ka Sundowns
Mokwetlisi wa sehlopha sa MC Alger Rulani Mokwena, o arabetse lekgetlo la pele menyenyetsing ya ho nyenyelepisetsa lesedinyana la Mamelodi Sundowns ke setho se beheletseng ka thoko nakwana mosebetsi.
Pejana bekeng ena setho se phahameng sa sehlopha sa Sundowns Mario Masha, o ile a behelwana ka thoko mosebetsing ka mora menyenyetsi ya hore o nyenyelepisitse lesedinyana la sehlopha le mokwetlisi Miguel Cardo ho Rulani Mokwena.
Mokwena o hlalositse ha tsena tsohle dihloka motheo mme dinyenyefatsa seriti sa tshebetso ya sehlopha sa hae sa bakwetlisi le sehlopha ka kakaretso.
“Seriti se ahwa ka dilemo tsa boitshwaro, e seng ka dinepe tse sa tsejweng (screenshot). E re ke hlakise sena, Mario ha a so mphe lesedinyana lefe kapa lefe ka Sundowns,” ho realo Mokwena.
“Puisano ya ka le Mario e bile ka papadi ya bolo ka kotloloho, mangolo a hae (UEFA Licenses) tseo a nkopile hore ke dilekola, mesebetsi ya rona o fitileng ho Sundowns le mehlala e sebediswang ke sehlopha sa Manchester City. Ha hona mohla sedinyana la mawa a Sundowns le ileng la arolelanwa le nna,”
Mokwena o hlalositse Mario jwalo ka motho ya nang le seriti eo a ke keng a mokopa ho kenya mosebetsi wa hae kotsing sebakeng sa hae.
“Mario ke monna ya lokileng, motho eo ke mmonang jwal ka motswalle, mosebetsi mmoho wa mehleng, hara tsohle ke monna ya sebetsang ka thata. Nke ke ka kopa hore a behe mosebetsi wa hae tsietsing hore bakeng saka, nke ke ka batla motho a behe mosebetsi wa hae tsietsing ka lebaka la monyetla wa ho hlola.”
Mokwena o phethetse ka ho hlalosa ha tsena tsohle dinyatsitse tshebetso ya moifo wa hae wa bokwetlisi ka hore ba itshetleha ka masedinyana ho etsa mosebetsi wa bona.
BALA HAPE: Sundowns e behella setho sa sehlopha ka thoko mosebetsing
