Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sebapadi sa Kaizer Chiefs se kopa pelo batshehetsing

Sebapadi sa Kaizer Chiefs se bapalang mpeng ya lebala Siphesihle Ndlovu, o entse boipiletso ho batshehetsi ba sehlopha hoba le pelo.

Ndlovu, o buile sena ka nako eo sehlopha se qetang ho etsa diphetoho bokwetlisi le ho itukisetsa sehla sa dipapadi sa 2026/27.

Chiefs, e qetile sehla sa 2026/27 se dutse boemong ba boraro mme batla bapala mehope kaofela e teng Afrika Boroa ho kenyeletsa CAF Confederation Cup.

“Ke boitukisetso bo botle. Re thabetse ho itukisetsa sehla se setjha seo re ikemetseng ho sebetsa hantle ho sona,” ho realo Ndlovu.

“Rena le mokwetlisi ya motjha ka mahlale a matjha ao re lokelang ho ithuta ona.”

“Ke kopa batshehetsi ba sehlopha babe le pelo le ho tshepa diphetoho tse teng. Re aha ntho e ikgethileng mme batshehetsi ke karolo ya yona.”

Chiefs e se bapetse dipapadi tse tharo tsa boitukiso mme ba bapetse maleka dipapading tse pedi [1 – 1] le ho lahlehelwa papading ya boraro [2 – 1].

Sehlopha se kgutletse ka hara naha ho bapala papadi e nngwe kgahlano le sehlopha sa Scottland FC sa Zimbabwe mohopeng wa TOYOTA mafelong a tlang a beke.

BALA: Spain se hlola Argentina ho phetha nalane ya 2010