Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Siyabonga Ngezana o ditabeng ka ho hana ho bapala

Sebapadi sa FCSB ya Romania Siyabonga Ngezana, o hlaheletse ditabeng ka ditlaleho tsa ho hana ho bapala papading eo sehlopha sa hae se bapetseng maleka a 0 – 0 le Dinamo Bucuresti.

Ditlaleho dikuma ha Ngezana a batlile hotswa ka kgefutso ka seo batshehetsi ba neng ba nahana ke kotsi empa ho utlwahala e bile taba ya ho tatela ho leba lapeng.

Sebapadi sena sa mehleng sa Kaizer Chiefs, ke karolo ya sehlopha sa naha setla leba mohopeng wa AFCON ka la 21 naheng ya Tshitwe.

Monga sehlopha Gigi Becali o e dukile ka nako eo a neng a hlalosa ha Ngezana a sa kgutlela papading ka lebaka la ho qoba ho fumana kotsi pele a leba sehlopheng sa naha.

“Ngezana o itse a kase kgutlele [carry on] wa tsotela? O tlo leba sehlopheng sa naha,” ho realo Becali.

Tlhalosong ya hae, Becali le yena o utlwahetse a tshwara a tlohela mme a bua le ka tjhelete eo dibapadi tsa hae diefumanang bakeng sa ho thusa sehlopha.

Mokwetlisi wa sehlopha Marius Șumudică le yena o utlwahetse a dumellana le Becali ka hore Ngezana o ne a sa batle ho kgutlela papading mme lebaka la hae le ne le fokola.

Hase lekgetlo la pele Becali a ba le tletlebo ka letswallwa lena la Afrika Boroa ha pejana a ile a hlalosa ha dibapadi tsa Afrika disa batle ho utlwisisa.

BALA HAPE: Afrika Boroa e tla bapala papadi ya setswalle pele ho AFCON