
Batshehetsi ba Glasgow Rangers ba babatsa tshebetso ya Makhanya
Batshehetsi ba sehlopha sa Glasgow Rangers, ba babaditse sebapadi sa bona se setjha Olwethu Makhanya.
Sena ka mora hore sebapadi sena se bapale papadi ya sona ya pele moo a thusitseng sehlopha ho hapa papadi ka 1 – 0 mohopeng wa UEFA Conference.
Makhanya ya lwanetseng ho tsamaya sehlopheng sa Philadelphia Union, o bapalletse Stellenbosch FC pele a leba America dihleng tse tharo tse fitileng.
Sebapadi sena se bapetse papadi kaofela mme se atlehile ditekong tsohle tsa sona ho hapa dintwa tsa ka lebaleng.
Tshebetso ya Makhanya ka lebaleng:
Played The Entire Match & Earned A 7,6/10
Passing accuracy: 98% (extremely reliable)
Progressive carries: 24 (high volume of forward ball-carrying)
Touches: 101 (heavily involved)
Recoveries: 8
Ground duels & tackles: Perfect (3/3 and 2/2)
Sebapadi sena e bile karolo ya sehlopha sa naha se tswang mohopeng wa lefatshe le ha a hlokile lehlohonolo la ho fumana metsotso.
Tebello ke ho bona hore mokwetlisi ya latelang wa Bafana Bafana o tla bitsetsa sebapadi sena sehlopha, haholo ka nako ena eo Mbekezeli Mbokazi a tswileng kotsi.
