Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

FIFA e tshepisa ho fuputsa boitshwaro ba dibapadi tsa Argentina

Mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA, o tshepisitse ho etsa diphuputso kgahlano le sehlopha se hlotsweng ho makgaolakgang sa Argentina.

Mantswe a FIFA a tla ka mora hore dibapadi tsa Argentina dibohale dilwantsha tsa Spain ka mora phala ya ho qetela ya papadi.

Spain, se hlotse Argentina ka 1 – 0 papading ya makgaolakgang a mohope wa lefatshe mme ka mora moo, maikutlo a ile a phahama moo dibapadi le ditho tda bokwetlisi ba Argentina di hula hulaneng le dibapadi tsa Spain.

Diphuputso tsena ketsa bobedi tseo FIFA e tla dietsa kgahlano le Argentina ha diphuputso tsa pele e le tsa diketsahalo tsa papadi e tlang pele ho makgaolakgang [semi-final].

Ka mora papadi kgahlano le England, dibapadi tsa Argentina dibonwe ka tuku [banner/flag] ya sehlekhleke sa Falkland [Islands].

Hoya ka FIFA diketso tsena dika hlohleletsa dipolotiki e leng ketsahalo e kgahlano le melawana ya FIFA.

Mokgatlo ke hona o tla dulela taba ena majwana ho batlisisa diketso tsa sehlopha sena le ho funana e bang ba phoso kapa tjhe. 

BALA: Khumalo o makatswa ke qeto ya Chiefs ya ho lokolla Lilepo