Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Dihlopha tsa UAE, Egypt, Morocco le Algeria di’bontsha kgahleho ho Mokwana ya nkgang tsela Tunisia

Sebapadi sa mehleng sa Sekhukhune United eo ha jwale e leng sebapadi Esperance de Tunis se nkgang tsela, se tswelapele ho batlana le lehae le letjha.

Mokwana o qetile sehla a le Saudi Arabia moo a neng a bapalla Al-Hazem ka kadimo moo a neng a bapala kgafetsa.

Le ha hole jwalo, Hazem haya kgotsofala ho tlala seatla hoka tekena Mokwana eo ha jwale a kgutletseng sehlopheng sa hae sa Tunisia.

Esperance, e utlwahala e ikemiseditse ho rekisa Mokwana ya sa dulang nako e lelele ka mora ho tloha Afrika Borwa sehlopheng sa Sekhukhune.

Le ha sebapadi sena se nkga tsela, dihlopha tsa Afrika leboya le Arabia, di utlwahala dina le kgahleho ditshebeletso tsa sebapadi seba sa lepheong.

Dihlopha tsa Algeria [MC Alger le JS Kabylie], UAE, Egypt le Botola, di utlwahala dina le kgahleho ya ho tekena sebapadi sena sa Afrika Borwa sa matjhabatjhaba.

Tebello ke ho bona hore Mokwana o tla leba sehlopheng se fe sa naha e fe mme tsohle ditla hlaka matsatsi a tlang ha mmela o ntse o puta.

BALA: Khumalo o makatswa ke qeto ya Chiefs ya ho lokolla Lilepo