
Cape Town City e lebisa CR Belouizdad ho FIFA tabeng ya Mayo
Sehlopha sa Cape Town City se lebile ho FIFA ho fumana tharollo qakeng ya bona le CR Belouizdad ka sebapadi sa bona sa mehleng.
Hoya ka SABC Sport, City e lebile go FIFA bakeng sa ho fumana tharollo thekisong ya bona ka mora ho rekisetsa Belouizdad Khanyisa Mayo le ha Belouizdad e sa qete ho lefa.
Mayo o lebile ho Belouizdad dilemo tse pedi tse fitileng a tloha ho City empa lekgulo la sebe letala mme Mayo a kgutlela Afrika Boroa ka kadimo sehlopheng sa Kaizer Chiefs.
Hoya ka ditlaleho tsa moraorao, Belouizdad e utlwahala e ikemiseditse ho mamela dihlopha bakeng sa thekiso ya Mayo e leng se halefisitseng monga sehlopha sa City hore Belouizdad e kena jwang morerong wa ho rekisa Mayo e sa qeta sekoloto sa bona.
Belouizdad e dibukeng tsa baetsadibe ya FIFA [Trsnsfer Ban] mme tsena tsohle dika mpefatsa maemo le ho feta.
Mopresidente ya motjha sehlopheng sa Belouizdad, o utlwahala a ikemiseditse ho lekola dibapadi bakeng sa ho disebedisa jwalo ka ha basa kgone ho tekena.
Ka lehlakoreng le leng Chiefs e bonahala ikemiseditse ho reka Mayo ka nako eo kadimo ya hae e fihlang pheletsong matsatsing a tlang.
BALA: Al-Ettifaq e bontsha kgahleho sebapading sa Bafana Bafana le Sundowns
