
Kaizer Chiefs e kanna ya arohana le mokwetlisi Nabi
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se utlwahala sele mathuleng a ho arohana le mokwetlisi wa sehlopha Nasreddine Nabi.
Le ha sehlopha se so nnetefaditse kapa ho latola menyenyetsi ena, ho tlalehwa ha Chiefs e tla arohana le Nabi ka mora dipapadi tse tsheletseng fela sehleng sena.
Ho ya ka SABC Sport, Nabi ha ana lengolo le hlokahalang ho dula bankeng ha sehlopha se bapala dipapadi tsa CAF mme sena se siya sehlopha le botsamaisi ka qeto ya ho nyaola Nabi.
Le ha Nabi a na le lengolo la UEFA pro license, kutlwisiso ke hore o lokela hoba le lengola la CAF hoya ka melawana ya botsamaisi ba CAF.
Nabi ya fihlileng selemo se fitileng ka phato, o se a hapile mohope wa Nedbank le sehlopha ho qeta leqeme la ho se hape mohope sehlopheng.
Ha jwale matsoho a sa dutse diphatleng ho utlwa molaetsa o tswang go sehlopheng ka bokamoso ba letswallwa lena la Tunisia.
Chiefs e tla kena leetong ho lena Angola moo e nkana le Kabuscorp papading ya CAF Confederation mme ditlaleho dikuma ha Nani e ke ke yaba karolo ya sehlopha.
Tebello ke hore Cedric Kaze le Khalil Ben Youssef bao e leng batlatsi ba mokwetlisi Nabi e tlaba bona batla etella pele sehlopha papading eo.
BALA HAPE: Nabi o re e sale masa ho tlelwa ke tshabo
