
Chippa United e nyaola bakwetlisi
Sehlopha sa Chippa United se arohana le ditho tsa bokwetlisi ka mora papadi e lengwe fela. United e nyaotse mokwetlisi wa dithibathibane Thembalethu Moses, moqhaqholli Prinil Deen le mokwetlisi wa nakwana Musa Nyatama.
Nyatama, o ne a tshwere marapo a bokwetlisi ka mora hore sehlopha se arohane le mokwetlisi ya qading sehla Sinethemba Bantela.
Batela o nyaotswe mosebetsi ka mora papadi tse pedi ho seo ho dumelwang e bile ho se utlwane ha hae le motsamaisi (Director) wa sehlopha, Sinesipho Mali.
Chilli Boys e se e bile le dipuisane le bakwetlisi ba mmalwa ho kena dieteng tsa Batela mme hara bona e bile motlatsa mokwetlisi wa mehleng wa Kaizer Chiefs, Fernando de Cruz le ha tumellano e saba teng.
Mokwetlisi eo ho bonahaleng e le thatohatsi ke mokwetlisi Luc Eymael. Eymael o kwetlisitse dihlopha tse mmalwa kwano Afrika Boroa tse akgang Free State Stars le ho hapa Nedbank Cup le bona sehleng sa 2017/2018.
Ha jwale Chippa United, e dutse ho 15 ka mora dipapadi tse tharo (3) mme ba se ba bokeleditse ntlha e lengwe (1 point).
Papadi e lateng ya United ba tlabe ba etetse Richards Bay lebaleng la King Zwelithini. Papadi ena e tla thakgoha ka 19:30.
BALA HAPE: nyewe-ya-dihlopha-tsa-abc-motsepe-ya-qhalwa
