
Zwane o lahlela lebitso la hae mosebetsi wa ho kwetlisa Bafana Bafana
Mokwetlisi wa sehlopha sa Amazulu Arthur Zwane, o phahamisa letsoho mosebetsing wa ho kwetlisa Bafana Bafana
Sebapadi sena sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana, se kena lenaneng la mabitso a bakwetlisi ba batlang ho kena dieteng tsa letswalla la Belgium le nkgang tsela.
Zwane ke e mong wa bakwetlisi ba rometseng mabitso a bona ho lekolwa bakeng sa sekgeo sa ho kwetlisa ha Hugo Broos a beha meja fatshe.
SAFA e qadile ka mosebetsi wa ho lekola mabitso a bakwetlisi ba iketela mosebetsi jwalo ka ha nako ya Broos e fihla pheletsong.
Hoya ka Farpost, Rulani Mokwena le Benni McCarthy haba kenela lebelo la mosebetsi ona le ha boholo ba batshehetsi ba tswelapele ho bitsa mabitso a bona.
McCarthy ya kwetlisang naha ya Kenya, o ile a hlalosa ha a ka thabela ho kwetlisa Bafana Bafana ha Mokwena ho batla hosa hlaka e bang a ka nka mosebetsi oo e bang a ka bitswa.
BALA: Cristiano Ronaldo o phethela mohope wa lefatshe ka dikgapha
