Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cupido o lepa papadi ntle le Kekana ya boneng karete e kgubedu

Sebapadi sa lebota la morao sehlopheng sa Mamelodi Sundowns keanu Cupido, o buile ka seo batla se lebella jwalo ka sehlopha kgahlano le sebapadi mmoho Grant Kekana ya boneng karete e kgubedu papading e fitileng.

Cupido o hlalositse ha tahlehelo ya Kekana e tlaba kgolo empa sehlopha setla sebedisa tse ding tsa dibapadi tse teng sehlopheng ho lwanela tlholo.

“E ke ke yaba papadi e bonolo haholo jwang [Esperance de Tunis] e tla qala e lelekisa papadi,” ho realo Cupido.

Sundowns e hlotse Esperance ka 1 – 0 leotong la pele le bapalletseng Tunisia beke e fitileng. Sephetho sena se hlalosa hore Sundowns e tla qala papadi e matha pele ka ntlha ka moqebelo.

Le ha hole jwalo, Cupido o dumela ha e ke ke yaba papadi e bobebe ntle le se seng sa dibabadi tsa lebota la morao.

“Ke tahlehelo e kgolo hobane Kekana o tlisa boiphihlelo le ho thusa haholo empa Khulumane Ndamane o teng. Le yena ke sebapadi se senyane dilemong se bapalang hantle. Rena le Keagan Johannes hape hore reka kwala sekgeo.”

Cupido o phaeletse ka hore sekgeo sa Kekana e tlaba monyetla o motle bakeng sa dibapadi tse ding ho fumana monyetla wa ho itshupa le bona.

Sundowns e tla amohela Esperance ka moqebelo lebaleng la Loftus moo tangtang e tla kgangwa ke lerole ntweng ya ho fihla ho makgaolakgang a CAF Champions League.

BALA HAPE: Sebapadi sa Chief se leboha bophelo le kgatello sehlopheng