
Algeria e hlahlela tletlebo kgahlano le moletsaphala
Naha e hlotsweng papading ya yona ya pele ke naha ya Argentina, e hlahletse tletlebo ho FIFA ka moletsaphala wa papadi eo.
Algeria, e bontshitse hose kgotsofale ka diqeto tsa moletsaphala tse bonahetseng dina le tshekamelo sehlopheng sa Argentina.
Mopresidente wa mokgatlo wa bolo naheng ya Algeria Walid Sadi, o qotsitse ketsahalo eo Lionel Messi a bapetseng sebapadi sa Algeria hampe empa moletsaphala a tlodisa ketso eo mahlo.
BALA: Mofokeng o hlalosa mantswe a Broos pele a kena ka lebaleng
Messi o hatile Aissa Mandi a hlaha ka morao empa moletsaphala le moifo wa VAR wa hlolwa ke ho sheba e bang Messi o phoso.
Messi o qetile papadi eo e le sebapadi sa letsatsi ka mora ho hlaba dintlha tse tharo lekgetlo la pele nalaneng ya hae mohopeng wa lefatshe.
BALA: Broos o emela sebapadi sa hae setla fetwa ke papadi e mahlonoko
