Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Nkota o bula sefuba ka ho tloha ho Pirates a leba Saudi Arabia

Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates seo ha jwale e leng sebapadi sa Al-Ettifaq Mohau Nkota, o buile ka karohano ya hae ya maikutlo le sehlopha se mofileng monyetla sehlopheng se seholo.

Nkota ya bapetseng nako e kgutshwane ho Pirates pele a leba Arabia, o hlalositse motsamao oo e bile o seng bobebe.

“Hone hose bobebe,” ho realo Nkota a bua le Saudi Pro League.

“E bile motsamao o amang maikutlo ho tsamaya sehlopheng seo ke holetseng ho sona. Ke sehlopha se nrutileng tse ngata mme beke yaka ya ho qetela e bile beke e boima ha ke lokela ho sadiba bohle hantle.”

Nkota o hlalositse ha letsatsi la ho qetela ho Pirates e bile lona le boima ka ho fitisisa ha a nahana hore ke la ho qetela e le karolo ya sehlopha.

Le ha dintho difetohile papisong le ha a satswa fihla naheng ya Saudi Arabia, Nkota o hlalositse ha a kgotsofetse le ho thabela ho bapala kantle ho naha jwalo ka ha e le toro ya boholo ba dibapadi ho bapala dinaheng tse kantle le ho bonwa ke lefatshe.

 E bang a ka fuwa monyetla, Nkota e tlaba karolo ya sehlopha setla bala le sehlopha sa Sadio Mane le Cristiano Ronaldo sa Al Nassr bosiu ba laboraro.

BALA HAPE: Freese o dumela batla sebedisa bofokodi ba Chiefs ho hlola papadi