
Dihlopha ditla una molemo hotswa ho FIFA
Mokgatlo o tsamaisang papadi ya bolo lefatsheng e leng FIFA, o beheletse tjhelete e kalo ka $355 million (R6.4 billion) eo o tla e abela dihlopha tseo dibileng le dibapadi dihlopheng tsa naha dipapading tsa ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.
Tjhelete ena e eketsehehile ka 70% papisong le tjhelete e ileng ya lefsha dihlopha ka mohope wa lefatshe wa 2022.
Pejana tjhelete ena e ne e fumanwa ke dihlopha tseo dinaha tsa tsona difetetseng mohopeng wa lefatshe le ho feta empa ha jwale dintho difetohole mme dihlopha ditla una molemo maqalong a dipapadi.
Le ha ho sa bolelwa tjhelete e tla fumanwa ke dihlopha ka kotloloho, dihlopha tse bang le dibapadi tse ngata sehlopheng sa naha ke tsona tse tla fumana ho thomanyana papisong le dihlopha tse ding.
Mokgwa ona oo e sale o le teng o tla thusa haholo le dihlopha tse bapalang mabatoweng a jwalo ka Motsepe Foundation kwano lapeng ha dibapadi tsa dihlopha ebile karolo ya dihlopha tsa naha ho sa natse boholo ba tlhodisano.
Kwano lapeng sehlopha sa Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates, ke tsona tse bonahalang ditla una molemo haholo ka lebaka la dibapadi tsa bona tseo e dulang e le karolo ya sehlopha sa naha.
FIFA, e hlalositse ha tjhelete ena e le ho thusa dihlopha tse tlaba ke dibapadi mohopeng wa lefatshe.
“Jwalo ka ditumelano tsa ntjha tsa FIFA le European Club Association tsa Hlakubele 2023. Dihlopha ditla una molemo wa ho lokola dibapadi bakeng sa papadi tsa mohope wa lefatshe.”
BALA HAPE: Khumalo o re SAFA e hlotswe ke ho ananela Clive Barker
