
Chaine o ngola nalane e ntjha ya dithibathibane sehlopheng sa Pirates
Sethibathibane sa Orlando Pirates Sipho Chaine, o robile rekoto ya dithibathibane sehlopheng ka ho bapala dipapadi tse 18 sehleng se le seng a sa hlajwa ntlha [18 cleansheets].
Chaine ke sethibathibane sa pele sa Pirates ho fihlela palo eo (18) ka mora ho feta e neng e tshwerwe ke Moeneeb Josephs ya 17 sehleng sa 2009/2010 se le seng sa dipapadi.
Ha jwale Chaine o lekana le Ronwen Williams wa Mamelodi Sundowns [18 cleansheets] e leng yona palo e hodimo ka ho fitisisa nalaneng ya PSL.
BALA HAPE: Zwane o hlalosa seabo sa dibapadi tsa South America sehlopheng
Phapang dipakeng tsa Chaine le Williams ke hore Williams o e ntse palo eo ka dipapadi tse 30 kaofela ha Chaine a e fihletse ka dipapadi tse 27.
Chaine, ona le monyetla wa ho feta palo eo le ho beha ya hae jwalo ka ha sehlopha se setse ka dipapadi tse tharo pele sehla se fihla pheletsong.
Dipapadi tse setseng tsa Pirates:
9 May – vs Magesi FC (Away)
16 May – vs Durban City FC (Home)
23 May – vs Orbit College FC (Away)
BALA HAPE: Makgopa le Maswanganyi ba thusa Pirates ho beha Sundowns mangole
