
Nabi o re e sale masa ho tlelwa ke tshabo
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se hlotswe papading ya sona ya pele sehleng sena ha bane ba hlolwa ke Sekhukhune United ka ntlha tse tharo ho e lengwe (3 – 1) lebaleng la FNB ka labobedi bosiu.
Chiefs, e kene papading ena e le sona fela sehlopha se so hlajwe ntlha mme metsotsong e mehlano ya papadi Bradley Grobler a fetola seo.
Chiefs e ile ya lekanyang dintlha ka Flavio Silva pele papadi e ya kgefutsong empa ka mora kgefutso, Grobler le Thabang Monare ba boya sekwele ho tlo qetela papading ka ho hlaba dintlha le ho qhala hlenhlenyane (3 – 1).
Ka mora papadi, mokwetlisi wa Chiefs Nasreddine Nabi, o hlalositse ha diphoso tse nyane tseo ba dientseng ele tsona tse ba hlodisitseng ka papadi.
“Re tsibile hore e tlaba papadi e matla empa ke dumela ha diphoso tsa gore e le tsona tse re hlodisitseng ka papadi.”
“Ba re kentse tlasa kgatello ha ba hlasela, haholo ka bolo tse lelele tseo re neng re sa kgone ho ditlosa mme ba re hlaba dintlha.”
Nabi, o hlalositse ha e sale ka masa hore batho ba ka qala ho tshoha jwalo ka ha sehla se qala.
“Re bile le yona menyetla le ha e sa re hlolela papadi mme ke dumela ha e sale ka masa hore reka qala ho tlelwa ke letswalo. Ke dumela ha re ithutile diphosong tsa rona le tahlehelong ya kajeno.”
Chiefs, e tla kena leetong ho leba Angola moo e tla bapala papadi tsa pele tsa CAF Confederation Cup kgahlano le Kabuscorp. Papadi ena ya leoto la pele e tla bapala ka moqebelo ka hora ya bohlano.
BALA HAPE: Mokwetlisi Nabi o fana ka tsa moraorao sehlopheng
