
Messi o dula qhoweng ya bahlabadintlha ba nako tsohle mohopeng wa lefatshe
Bahlodi ba mohope wa lefatshe ka 2022 Argentina, ba qadile leeto la bona la ho tshireletsa mohope wa bona ka noto e hodimo.
Sena ka mora hore sehlopha se hlole papadi ya bona ya pele kgahlano le Algeria ka 3 – 0 mesong ya laboraro ka nako ya Afrika Borwa.
Mokaptene wa Argentina Lionel Messi, o hopoditse lefatshe lebitso la hae ka ho hlabela naha ya hae dintlha tse tharo kaofela a le mong.
Dintlha tsena tse tharo (hat-trick) tsa Messi e bile tsa hae tsa pele mohopeng wa lefatshe nalaneng ya papadi ya bolo.
BALA: Brayan Leon o qhwaya dihlopha ho itukisetsa sehla se tletseng dintlha
Dintlha tsena diboetsa tsa nka palo ya Messi ya dintlha ho mofetola mohlabadintlha ya ka hodimo a bile a ntse a bapala (16 goals).
Sebapadi sena se hlabile dintlha tse lekanang le tsa Miroslav Klose le ha Klose a behile meja fatshe.
Tebello ke ho bona e bang Messi, Mbappe le dibapadi tse ding tse hlahang lenaneng la bahlabadintlha ba nako tsohle batla feta palo ya bona ya dintlha.
BALA: Ben Youssef o hlalosa tsela ya tshebetso ya hae le Kaze ho Chiefs
