Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Banyana Banyana ba leba mohopeng wa WAFCON

Sehlopha sa naha sa Banyana Banyana, setla leba mohopeng wa Afrika wa basadi [WAFCON] ka mora ho beheletsa sebaka.

Banyana Banyana bahlotse naha ya DRC ka palo hare ya 2 – 1 ka mora ho bapala maleke a 1 – 1 leotong la pele, le ho hlola leoto la bobedi ka 1 – 0.

Afrika Boroa e ne e amohetse DRC labobedi bosiu lebaleng la Dobsonville moo ba phethetseng mosebetsi le hoba karolo ya dinaha tse 12 tse tla nkana kgikgitha ho WAFCON.

Banyana ba bontshitse taolo ya papadi karolo ya pele ya papadi le ha basa sebedisa menyetla e bileng teng.

Papadi e lebile kgefutsong ho se nko hotswa lemina dihlopha ka bobedi mme karolong ya bobedi DRC, e kgutlile e le sehlahlo.

Mohlabadintlha wa sehlopha Thembi Kgatlana, ke yena a hlabetseng Afrika Boroa ntlha le ho tlisa phapang.

Kgatlana o hlabile ntlha metsotsong ya ho qetela ya papadi (90+) le ho phethahatsa ditoro tsa sehlopha tsa ho nka karolo mohopeng oo sehlopha se o hapileng ka 2022.

Sehlopha sena sentseng se bapala ntle le mokwetlisi wa bona wa sehlooho Desiree Ellis, setla leba Morroco selemo setlang ka taba tse monate ka mora hore SAFA le SASOL difihlella tumellano e ntjha.

BALA HAPE: Desiree Ellis wa itseka tabeng ya tumellano le SAFAÂ