
Ouaddou o hlalosa ho fetoha kgafetsa ha dibapadi tse qala papadi
Mokwetlisi wa sehlopha sa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ho fetofetoha ha dibapadi tse qalang papadi sehlopheng.
Ouaddou, o dula fetofetola dibapadi tse qalang papadi sehlopheng e leng se arolang maikutlo a batshehetse ha sehlopha.
Pirates, ke se seng sa dihlopha tseo o ke keng wa tseba dibapadi tse tlo qala ka ha se dula se fetola boholo ba dibapadi tse qalang le papadi.
Puisanong le lesedinyana la Lisenethini, Ouaddou o hlalositse ha qeto ya hae e se ka lebaka la ho se bapale hantle ha dibapadi.
“Dibapadi ke batho jwalo ka batshehetsi. Ka nako engwe ke mabaka a kantle ho lebala a susumetsang ho fetola dibapadi,” ho realo Ouaddou.
Ouaddou o qeletse ka thoko menyenyetsi ya hore o beha dibapadi kantle e le tsela ya kotlo.
Ha ke fetole dibapadi e le kotlo, ke lebeletse hore dibapadi dietse seo ba lokelang ho se etsa sehlopheng.
Mokwetlisi enwa wa kgwedi ya Mphalane, o phethetse ka ho hlalosa ha a dumela a se tlasa kgatello, kgatelo e teng ho yena e le ya ho hlola dipapadi le ho atleha.
Pirates e tla nkana le Richards Bay ka moqebelo papading e tlang pele ho makgaolakgang ya Carling Knockout.
Papading ena e tla bapalla lebaleng la Moses Mabhida ka hora ya boraro [15:00] thapama.
Bala tse ding ka Pirates:
Mokwetlisi wa Orlando Pirates o hlalosa bohlokwa ba batshehetse
