
Fabregas o hana ho lokolla sebapadi bakeng sa AFCON
Mokwetlisi wa sehlopha sa Como e bapallang ho Serie A Cesc Fabregas, o hana ho lokolla sebapadi ho leba mohopeng wa AFCON o tla thakgoha kgwedi e tlang.
Fabregas o hana ho lokolla Assane Diao wa naha ya Senegal hoba karolo ya sehlopha setla emela naha dipapadi tsa kontinente naheng ya Morocco.
Diao o ne a bitseditswe sehlopheng sa naha ka nako ya kgefutso ya FIFA le ha a sa bapale ha Senegal e ne e thulane le Brazil le Kenya.
Fabregas o hlalositse ha e sa etse kelello ho romela sebapadi ho AFCON le ho kgutla se lemetse.
“Ha ke batle ho moromela ho Cup of Nations hobane ha e etse kelello. O dutse kantle dikgwedi tse supileng, o bapetse dipapadi tse tharo mme jwale o lokela ho kgutlela sehlopheng sa naha a lo lemana le ho dula kantle hape,” ho realo Fabregas.
Fabregas o lla ka hore sebapadi se lebileng le naha bokwetlisi ka kotsi e nyane mme sa kgutla ka kotsi e kgolo.”Ha lokela ho tsamaya.
O ile kampong le ho ikwetlisa le sehlopha [Senegal] ka kotsi e nyane mme a kgutla a lemetseng ho feta.”
Fabregas o kena lenaneng sa bakwetlisi le beng ba dihlopha tsa mose ho bua le ho ema kgahlano le dibapadi ho bapalla dinaha mohopeng ya Afrika.
BALA HAPE: CAF e nyolla palo ya dibapadi tse ka lebang ho AFCON
