
DRC e phetha le ho ngola nalane ya 1974 papading ya bolo
Naha ya Democratic Republic of Congo e entse nalane ka ho kgutlela mohope wa lefatshe lekgetlo la pele ho tloha ka 1974.
Sena se etsahetse ka mora hore sehlopha se hlole naha ya Jamaica ka 1 – 0 dipapading tsa mantshano ka labobedi bosiu.
Ntlha e hapetseng Congo papadi, e kene motsotsong wa 100 ha Axel Tuanzebe a ne a potisa bolo ka mora sethibathibane le ho ngola nalane.
VAR e ile ya lokela ho thusetsa ka mora pelaelo ya hore ntlha eo e hlajowe ka letsoho empa VAR ya ahlolela DRC.
DR Congo e ile ea laola boholo ba papadi lebaleng ls Estadio Guadalajara, mme ya tswelapele ho etsa menyetla e metle ka ho fetisisa, leha menyetla e hlakileng e sa sebediswa hantle.
E mong wa dibapadi Cédric Bakambu, o ne a sa kgone ho pata thabo ea hae ka mora hore papadi e fihle pheletsong.
“Re thabile, re thabile haholo,” ho realo Bakambu.
“Hona jwale, ha ke nahane hore re utlwisisa ka botlalo…
“Empa ha re kgutlela Kinshasa, batla e keteka.”
Lekgetlo la ho qetela DRC e bapala mohope wa lefatshe ke ka 1974 mme batla fumana monyetla oo hape ka mora dilemo tse 52.
Ke ha mosebetsi wa pele o moholo o phethetswe, DRC e tla thula thaba ka hlooho jwalo ka ha batla thulana le dihlopha tse jwalo ka Portugal, Colombia le Uzbekistan sehlotshwaneng sa K.
Ena e tlaba e nngwe ya diphepetso tse matla bakeng sa kemedi ya 10 ya kontinente ya Afrika, haholoholo kgahlano le naha ya Portugal le Colombia.
BALA HAPE: Benadie: Tlwaelo ya ho rekisa dibapadi e sebetsa kgahlano le rona
