
Mofokeng ha bonahala boikwetlisong le sehlopha
Sebapadi sa Orlando Pirates Relebohile Mofokeng, ha bonahala boikwetlisong ba labohlano hoseng le sehlopha mme sena se sile dipotso tsa hore o tlaba teng papading ka moqebelo kapa jwang.
Mofokeng, e bile karolo ya sehlopha se hlotseng Siwelele FC ka ntlha ho not hara beke mme e le yena a thusitseng ntlheng eo.
Pirates e tlo kena papading e matla hosane ka moqebelo le sehlopha sa Lioli tsa Lesotho e le papadi ya leoto la bobedi la CAF Champions League.
Pirates, e eteletse pele papadi ka ntlha tse tharo ka mora ho hlola leoto la pele beke e fitileng Bloemfontein.
Mokwetlisi wa sehlopha Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha a ke ke a qhaneha kariki ka pela dipere ka ka boemo ba Mofokeng.
BALA HAPE: Rasebotja o ntshitse maikutlo ka papadi ya Carling Knockout
Ouaddou o hlalosa ha a tla lokelaho ja lekomo le dingaka tsa sehlopha hore a tsebe ka boemo ba Mofokeng pele a ka tshwaela.
“Ke lokela ho bua le dingaka tsa sehlopha ho tseba se etsahalang. Rele ke sebapadi sa bohlokwa ho rona mme ke lokela ho bua le dingaka pele nka bua haholo.”
Pirates e amohela Lioli ka moqebelo lebaleng la Orlando mme papadi eo e tla thakgoha ka hora ya boraro 15:00 motsheare.
BALA HAPE: Orlando Pirates e ipabola ka makgabane
