Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Khalil o re batshehetse base qhanehe kariki ka pela dipere

Setho sa bokwetlisi sehlopheng sa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o eleditse batshehetse ba sehlopha hose be le ditebello tse hodimo ho tswa sehlopheng.

Youssef, o buile kgahlano le seo a bonang sele teng bolatedi ba sehlopha hore sehlopha seka phepetsa bakeng sa bompudi ba sehla le ha ho bonahale eka ba qala ho lahlehelwa ke morethetho.

“Hobane re sebetsa hantle ho PSL, batho ba qala ho bua ka mehope le tse ding. Ha ra etsa tshepiso ya mohope,” ho realo Youssef.

“Ke nnete re sehlopha se seholo mme re bapalla mohope ka nako tsohle empa re lokela hoba le nnete mehopolong ya rona.”

Chiefs e bonahala e theotse sekgahla seo e qadileng sehla ka sona mme papadi ya bona ya ho qetela, ke moo ba bapetseng maleka a 0 – 0 le Chippa United.

Youssef o entse mohlala ka ho bapala ho CAF le hore o kase e hape ka lekgetlo la hao la pele o kgutletse ho yona.

“Jwalo ka ha ke buile ka tlhodisano ya CAF, o kase be kantle ho yona mme ha o kgutla ka sehla sa pele o be o se o o nahana ka mohope.”

“Ho PSL sehleng se fitileng re ne rele boemong ba 9, jwale ntho ya pele ha jwale ke ho qeta sehla rele boemong ba bone (top 4). Hare fumana monyetla wa ho hapa mohope, retla o hapa.”

Chiefs e setse ka papadi e le nngwe pele sehla se leba kgefutsong ya karolo ya pele, papadi ena e tlaba kgahlano le TS Galaxy ka sontaha sa la 07 Tshitwe.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Gallants o romela molaetsa ho Pirates